Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 16:15-19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ha Morena Asa a e-na le lilemo tse 27 a busa Juda, Zimri ea e-ba morena Tirza ka matsatsi a supileng nakong eo masole a neng a hlomme litente e le hore a hlasele Gibethone,+ eo e neng e le ea Bafilista. 16 Masole a neng a hlomme litente a utloa ho thoe Zimri o entse bolotsana ebile o bolaile morena. Baiseraele bohle ba khetha Omri+ molaoli oa masole hore e be morena oa Iseraele letsatsing leo hona moo litenteng. 17 Omri le Baiseraele bohle ba nang le eena ba tloha Gibethone ho ea thibella Tirza. 18 Ha Zimri a bona hore motse o hapiloe, a kena ka toreng e sireletsehileng ea ntlo* ea morena ’me a icheselletsa ka tlung eaba oa shoa.+ 19 Sena se etsahetse ka lebaka la libe tseo a neng a li entse tse neng li sa thabise Jehova, liketso tsa hae tse tšoanang le tsa Jeroboame le sebe seo a entseng hore Baiseraele ba se etse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela