-
2 Likronike 23:18-21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Jehojada a beha baprista le Balevi hore ba okamele ntlo ea Jehova e leng bao Davida a neng a ba behile ka lihlopha hore ba okamele ntlo ea Jehova le ho nyehela mahlabelo a secheso a Jehova+ ho ea ka se ngotsoeng Molaong oa Moshe+ ’me ba etse seo ba thabile ebile ba bina joalokaha Davida a laetse. 19 Hape a beha balebeli likeiting+ tsa ntlo ea Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea sa hloekang ka tsela leha e le efe ea ka kenang. 20 A tsamaea le balaoli ba ba makholo,+ bahlomphehi, babusi ba sechaba le sechaba sohle ’me ba felehetsa morena ho tsoa ntlong ea Jehova. Ba kena ka keiti e ka holimo ba ea ntlong ea morena ’me ba mo beha teroneng+ ea ’muso.+ 21 Batho bohle ba thaba ’me motse oa e-ba le khotso kaha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole.
-