-
Exoda 15:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Ba fihla Mara*+ empa ba ne ba sa khone ho noa metsi a teng hobane a ne a baba. Ke ka lebaka leo Moshe a ileng a reha sebaka seo Mara. 24 Batho ba korotlela Moshe+ ba re: “Re tla noa’ng?” 25 Moshe a hoeletsa ho Jehova+ ’me Jehova a mo bontša sefate. Ha a se lahlela ka metsing, metsi a ba monate.
Molimo o ne a etsa sena e le mohlala ho bontša sechaba hore na o lebeletse hore se etse’ng. O ne a se leka ho bona hore na se tla mo mamela kapa che.+
-
-
2 Marena 4:38-41Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
38 Ha Elisha a khutlela Gilgale, a fumana ho e-na le tlala naheng.+ Ha a ntse a lutse le bara ba baprofeta+ a re ho mohlanka oa hae:+ “Phehela bara ba baprofeta sechu ka pitsa e kholo.” 39 E mong oa bona a ea masimong ’me a kha meroho. Ha a ntse a le moo, a bona sefate sa mohope sa naheng eaba o kha litholoana tsa sona ’me o li tlatsa ka har’a seaparo sa hae. Ha a khutla a khabella lintho tseo ka pitseng a sa tsebe hore na ke’ng. 40 Hamorao banna bao ba tšelloa sechu, ha ba qeta ho se latsoa ba hoeletsa ba re: “Elisha, lijo tsena li na le chefo.” Ba ile ba hloleha ho se ja. 41 Elisha a re: “Tlisang phofo.” Ka mor’a hore a e tšele ka pitseng eo a re: “Ngoathelang batho.” Ho ne ho se na chefo ka pitseng.+
-