6 Peka+ mora oa Remalia o ile a bolaea banna ba Juda ba sebete ba 120 000 ka letsatsi le le leng hobane ba ne ba lahlile Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.+
7Mehleng ea Akaze+ morena oa Juda, mora oa Jothame, mora oa Uzia, Morena Rezine oa Siria le Peka+ mora oa Remalia morena oa Iseraele, ba hlasela Jerusalema empa ha baa ka ba* khona ho e hapa.+
4 U tle u re ho eena: ‘Khoba matšoafo. U se ke oa tšoha ’me u se ke oa nyahamisoa pelo ke bohale bo tukang ba Rezine morena oa Siria le mora oa Remalia.+ Ba tšoana le litompo tse peli tsa patsi tse tukelang fatše.