Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Le tla felisoa har’a lichaba+ ’me le shoelle naheng ea lira tsa lona.

  • Deuteronoma 28:64
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 64 Jehova o tla le hasanya har’a lichaba tsohle, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea pheletsong e ’ngoe ea lefatše+ ’me moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e entsoeng ka patsi le lejoe, eo lona kapa baholo-holo ba lona ba sa kang ba e tseba.+

  • 2 Marena 17:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Baiseraele ba ’na ba etsa libe tsohle tseo Jeroboame a neng a li etsa.+ Ha ba aa ka ba li tlohela 23 ho fihlela Jehova a ba lelekile joalokaha a ne a boletse a sebelisa bahlanka bohle ba hae e leng baprofeta.+ Baiseraele ba isoa botlamuoeng naheng ea Asiria+ ’me ba ntse ba le moo ho fihlela letsatsing lena.

  • Esaia 8:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Le pele moshanyana eo a tseba ho re, ‘Ntate!’ le ho re, ‘ ’Mè!’ maruo a Damaseka le thepa e hapuoeng Samaria li tla isoa ka pel’a morena oa Asiria.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela