-
2 Likronike 28:1-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Akaze+ o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida hobane o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+ 2 Empa o ile a etsa lintho tse etsoang ke marena a Iseraele,+ a ba a etsa litšoantšo tsa tšepe+ tsa melimo ea Baale. 3 Hape a etsa sehlabelo se kubellang mosi Khohlong ea Mora oa Hinome, a ba a chesa bara ba hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ka pel’a Baiseraele. 4 O ne a etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi libakeng tse phahameng,+ maralleng le tlas’a lifate tse ntle tse tala.+
-