18 Jakobo a tsoha hoseng a nka lejoe leo a neng a le samme eaba o le hloma e le lejoe la sehopotso ’me o tšela oli holim’a lona.+19 A reha sebaka seo Bethele* empa pele lebitso la motse oo e ne e le Luze.+
16Naha eo litloholo tsa Josefa+ li ileng tsa e fuoa ka lotho,*+ e ne e tloha Jordane e Jeriko ho ea metsing a ka bochabela ho Jeriko, e feta lefeelleng le nyolohang ho tloha Jeriko ho ea fihla sebakeng se lithaba sa Bethele.+
28 Ka mor’a hore morena a fumane keletso, a etsa manamane a mabeli a khauta+ ’me a re ho sechaba: “Jerusalema e hole. Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ke enoa lona Baiseraele.”+29 A beha e ’ngoe Bethele+ ’me e ’ngoe a e beha Dane.+