-
1 Marena 12:31, 32Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 A etsa matlo a borapeli ka holim’a libaka tse phahameng ’me a khetha baprista ho batho feela bao e neng e se Balevi.+ 32 Ka la 15 khoeling ea borobeli, Jeroboame a etsa mokete o joaloka mokete oa Juda.+ A etsa mahlabelo aletareng e Bethele+ bakeng sa manamane ao a neng a a entse le ho beha baprista libakeng tse phahameng tseo a neng a li entse Bethele.
-
-
1 Marena 13:33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
33 Le ka mor’a ntho ena, Jeroboame ha aa ka a tlohela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa empa o ile a ’na a khetha baprista ba libaka tse phahameng har’a batho feela.+ O ne a khetha* motho e mong le e mong ea neng a batla ho ba moprista a re: “Mo khetheng hore e be moprista oa libaka tse phahameng.”+
-