24 Morena oa Asiria a lata batho ho tsoa Babilona, Kutha, Ava, Hamathe le Sefarvaime+ ’me a re ba lule metseng ea Samaria moo Baiseraele ba neng ba lula teng. Ba ile ba hapa Samaria ’me ba lula metseng ea eona.
41 Lichaba tsena li ne li rapela Jehova+ empa li ne li boetse li rapela litšoantšo tse rapeloang. Bana le litloholo ba entse lintho tseo baholo-holo ba bona ba neng ba li etsa ho fihlela letsatsing lena.