-
Esaia 36:13-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Rabshake a ema ’me a hoeletsa ka puo ea Bajuda+ a re: “Mamelang mantsoe a morena e moholo, morena oa Asiria.+ 14 Morena o re, ‘Le se ke la lumella Ezekiase ho le thetsa hobane a ke ke a khona ho le pholosa.+ 15 Hape, le se ke la lumella Ezekiase ho etsa hore le tšepe Jehova+ ha a re: “Jehova o tla re pholosa ’me motse ona o ke ke oa felisoa ke morena oa Asiria.” 16 Le se ke la mamela Ezekiase kaha ’na morena oa Asiria ke re: “Bopang khotso le ’na ’me le inehele* e le hore kaofela le ka ja lifateng tsa lona tsa morara le tsa feie* le be le noe metsi a liliba tsa lona, 17 ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le ea lona,+ e nang le koro* le veine e ncha, bohobe le lirapa tsa morara. 18 Le se ke la khelosoa ke Ezekiase ha a re, ‘Jehova o tla re lopolla.’ Na ho na le sechaba seo molimo oa sona a kileng a se pholosa ho morena oa Asiria?+ 19 E kae melimo ea Hamathe le Arpade?+ E kae melimo ea Sefarvaime?+ Na e ile ea pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+ 20 Ke molimo ofe har’a melimo eohle ea linaha tsee ea ileng a pholosa naha ea hae ha ke e hlasela, hoo le nahanang hore Jehova a ka pholosa Jerusalema?”’”+
-