19 Ha a tloha moo, a fumana Elisha mora oa Shafate a ntse a lema ka lipoho tse 24 tse pannoeng ka bobeli ka pel’a hae, o ne a tsamaea le tse peli tse qetellang. Elia a ea ho eena ’me a lahlela seaparo sa hae se khethehileng+ holim’a hae.
4 Letsatsing leo, baprofeta bohle ba tla soabela lipono tsa bona ha ba profeta ebile ba ke ke ba apara liaparo tsa boea tse khethehileng+ e le hore ba thetse batho.
32 Na ho hlokahala hore ke ’ne ke tsoele pele? Ke tla felloa ke nako haeba nka bua ka Gideone,+ Barake,+ Samsone,+ Jafeta,+ Davida+ hammoho le Samuele+ le baprofeta ba bang.
37 Ba ile ba tlepetsoa ka majoe,+ ba lekoa, ba sakhoa, ba bolaoa ka sabole,+ ba tsamaea ba apere makoko a linku le a lipoli+ ha ka nako e tšoanang ba ne ba hloka, ba le matšoenyehong,+ ba tšoaroa hampe+