Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 37:8-13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ka mor’a hore Rabshake a utloe hore morena oa Asiria o tlohile Lakishe, a khutlela ho eena ’me a mo fumana a ntse a loantša Libna.+ 9 Morena oa Asiria a utloa ho thoe Morena Tirhaka oa Ethiopia o tl’o mo loantša. Ha a utloa taba ena, a roma batho hape ho Ezekiase+ a re: 10 “Le re ho Morena Ezekiase oa Juda, ‘U se ke oa lumella Molimo oa hao eo u mo tšepileng hore a u thetse, ha a re morena oa Asiria a ke ke a hlola Jerusalema.+ 11 U utloile hore na marena a Asiria a ile a felisa linaha tse ling joang.+ Hobane’ng ha u nahana hore uena u tla pholoha? 12 Na melimo ea lichaba tseo baholo-holo ba ka ba ileng ba li felisa e ile ea li pholosa?+ Se kae sechaba sa Gozane, Harane,+ Rezefe le batho ba Edene ba neng ba le Tel-asare? 13 O kae morena oa Hamathe, oa Arpade, oa metse ea Sefarvaime,+ oa Hena le oa Iva?’”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela