-
Esaia 37:14-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ezekiase a nka mangolo ho baromuoa a a* bala. A ea ntlong ea Jehova eaba o a bula ka pel’a Jehova.+ 15 Ezekiase a rapela Jehova+ a re: 16 “Jehova oa mabotho,+ Molimo oa Iseraele, uena ea lutseng teroneng ka holim’a* likerubime, ke uena feela Molimo oa ’nete mebusong eohle e lefatšeng. U entse maholimo le lefatše. 17 Jehova utloa u be u mamele.+ Jehova, sheba ’me u bone.+ Utloa mantsoe ’ohle a tsoang ho Sankeribe ao a somang Molimo ea phelang ka ’ona.+ 18 Jehova, ke ’nete hore marena a Asiria a felisitse linaha+ tsohle hammoho le naha ea ’ona. 19 A ile a chesa melimo+ ea tsona hobane e ne e le melimo e iketselitsoeng,+ e entsoeng ka patsi le lejoe. Ke kahoo a ileng a khona ho e felisa. 20 Jehova Molimo oa rona re pholose ho morena oa Asiria e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena Jehova u Molimo u le mong.”+
-