-
Levitike 25:4-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Empa selemong sa bosupa, ho be le sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa naha e leng sabatha ea Jehova. U se ke oa jala peo tšimong ea hao kapa oa poma makala a lifate tsa morara tse serapeng sa hao sa morara. 5 U se ke oa kotula lijalo tse ileng tsa itlhahisa ka mor’a kotulo ’me u se ke oa bokella morara oa sefate sa hao se sa pongoang makala. Ho be le selemo sa phomolo e feletseng bakeng sa naha. 6 Leha ho le joalo, ka sabatha le ka ja lijo tse ileng tsa itlhahisa, uena le lekhoba la hao la monna le la mosali, mosebeletsi oa hao ea hiriloeng le molichaba ea lulang le uena
-