-
Esaia 38:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
38 Mehleng eo, Ezekiase a kulela lefu.+ Eaba moprofeta Esaia+ mora oa Amoze o fihla ho eena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka litaelo ho ba lelapa la hao hobane u ke ke oa fola empa u tla shoa.’”+ 2 Eaba Ezekiase o sheba leboteng ’me o rapela Jehova o re: 3 “Kea u kopa hle Jehova, ke kopa u hopole+ kamoo ke u sebelelitseng ka botšepehi kateng le ka pelo eohle+ ’me ke etsa lintho tse u thabisang.” Ezekiase a lla habohloko.
-