-
2 Likronike 34:22-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Hilkia le ba neng ba ronngoe ke morena ba ea ho moprofeta Hulda.+ E ne e le mosali oa Shalume mora oa Tikva e leng mora oa Harhase ea neng a ikarabella ka liaparo. O ne a lula Karolong ea Bobeli ea Jerusalema ’me ba ile ba bua le eena moo.+ 23 A re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele o itse ke bolelle monna ea le rommeng ho ’na hore 24 Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona,+ ke tlise le bomalimabe bohle bo ngotsoeng bukeng+ eo ba e balletseng morena oa Juda 25 hobane ba ntahlile+ ’me ba etsetsa melimo e meng mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutloisa bohloko ka lintho tseo ba li etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena ’me ha ho na motho ea tla nthiba.’”+ 26 Empa le bolelle morena oa Juda ea itseng le tl’o botsa Jehova le re, “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ho latela mantsoe ao u a utloileng,+ 27 u ile oa mamela ’me oa ikokobelletsa Molimo ha u utloa seo a se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. U ile oa ikokobelletsa ’na, oa tabola liaparo tsa hao, oa lla oa kopa thuso ho ’na ’me ke u utloile,+ ke Jehova ea chong. 28 Ka lebaka leo u tla shoa ’me u patoe ka khotso. U ke ke oa bona tlokotsi eo ke tla e tlisa sebakeng sena le ho baahi ba sona.’”’”+
Ke eona karabo eo ba ileng ba e isa ho morena.
-