-
Mareka 8:6-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 A re batho ba lule fatše. A nka mahobe ao a supileng, a leboha, a a qhetsola a a fa barutuoa ba hae, barutuoa bona ba a fa batho.+ 7 Hape ba ne ba e-na le litlhapi tse nyenyane tse seng kae ’me a li hlohonolofatsa, a ba bolella hore le tsona ba li abe. 8 Kahoo, ba ja ba khora eaba barutuoa ba nka libaskete* tse supileng tse kholo tse tletseng bohobe bo setseng.+
-
-
Johanne 2:7-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Jesu a re ho bona: “Tlatsang linkho tseo ka metsi.” Eaba ba li tlatsa tsoete! 8 A re ho bona: “Khang a mang ka moo, le a ise ho motsamaisi oa mokete.” Kahoo ba a isa. 9 Motsamaisi oa mokete a latsoa metsi a neng a se a fetotsoe veine. O ne a sa tsebe hore na e tsoa kae empa basebeletsi ba neng ba khile metsi bona ba ne ba tseba. Kahoo, motsamaisi oa mokete a bitsa monyali
-