Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 12:3-14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Buang le sechaba sohle sa Iseraele le re, ‘Ka letsatsi la leshome la khoeli ena, e mong le e mong a nke nku+ bakeng sa lelapa la hae, ho be le nku bakeng sa ntlo ka ’ngoe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, lelapa leo* le bitsetse lelapa le haufi le lona ntlong ea lona hore ba tl’o e kopanela. Ba e arolelane ho ea ka hore na ba bakae. Ha le e arolelana, le lekanyetse hore na e mong le e mong o tla ja nama e kae ea nku eo. 5 Nku ea lona e be e phetseng hantle,+ e tona, e nang le selemo kapa le ka ’na la khetha ho liramo tse nyenyane kapa ho lipoli. 6 Le e hlokomele ho fihlela ka letsatsi la bo14 la khoeli ena+ ’me sechaba sohle sa Iseraele* se e hlabe ha letsatsi le likela.+ 7 Ba nke mali a mang ’me ba a tlotse mahlakoreng a mabeli a kosene le karolong e ka holimo ea monyako matlong ao ba e jellang ho ’ona.+

      8 Ba je nama eo bosiung boo.+ Ba e bese mollong ’me ba e je ka bohobe bo se nang tomoso+ le ka meroho e babang.+ 9 Le se ke la ja nama ea eona e le tala, e belisitsoe kapa e phehiloe ka metsi empa le e bese mollong. Le e bese le hlooho ea eona, litlhakoana tsa eona le likahare tsa eona. 10 Le se ke la beha nama leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng empa e salang ho fihlela hoseng le e chese mollong.+ 11 Le e je ka tsela ena: Le itlame* ka mabanta, le roale lieta* maotong, le tšoare melamu ea lona matsohong ’me le e je ka potlako. Ke Paseka ea Jehova. 12 Ke tla kena naheng ea Egepeta bosiung bona, ke bolaee matsibolo ’ohle a naha ea Egepeta, a batho le a liphoofolo+ ’me ke tla ahlola melimo eohle ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova. 13 Mali e tla ba letšoao la lona matlong ao le leng ho ’ona. Ha ke bona mali ke tla le feta ’me nke ke ka le bolaea ha ke otla naha ea Egepeta.+

      14 Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lona ’me le le keteke e le mokete oa Jehova melokong eohle ea lona, le le keteke e le taelo e tla lula e le teng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela