Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 7:48-50
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 48 Solomone a etsa lisebelisoa tsohle bakeng sa ntlo ea Jehova e leng aletare+ ea khauta, tafole+ ea khauta e behang bohobe ba pontšo, 49 liluloana tsa mabone+ tsa khauta e hloekileng, tse hlano ka lehlakoreng le letona le tse hlano ka lehlakoreng le letšehali ka pel’a kamore e ka hare-hare le lithunthung,+ mabone le litong* tsa khauta,+ 50 libeisine, lintho tse timang mollo,+ lijana, likopi+ le lipane tsa mollo+ tsa khauta e hloekileng. A boela a etsa lihokelo tsa khauta bakeng sa mamati a kamore e ka hare-hare+ e leng Sehalalelisiso le bakeng sa mamati a ntlo ea tempele.+

  • Esdrase 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Morena Saeruse a boela a ntša lintho tse neng li sebelisoa ntlong ea Jehova tseo Nebukadnezare a li nkileng ka nkane Jerusalema a li beha ka tlung ea melimo ea hae.+

  • Daniele 5:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ha Belshatsare a se a tahiloe, a laela hore ho tlisoe lijana tsa khauta le tsa silevera tseo ntate oa hae Nebukadnezare a neng a li nkile tempeleng e Jerusalema+ e le hore eena le bahlomphehi ba hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane ba ka noa ka tsona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela