Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 15:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Haeba ba re ho uena: ‘Ho tla etsahala’ng ka rona?’ U re ho bona: ‘Jehova o re:

      “Ba bang ba lona ba tla bolaoa ke lefu la seoa,

      Ba bang ba bolaoe ka sabole,+

      Ba bang ba shoe ka lebaka la tlala,

      Ba bang bona ba hapuoe.”’+

  • Jeremia 39:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng, ba balehetseng ka lehlakoreng la hae le batho ba bang kaofela ba setseng, a ba isa Babilona.

  • Jeremia 52:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena oa Babilona le ba bang kaofela bao e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.+

  • Jeremia 52:30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Ka selemo sa bo23 sa puso ea Nebukadnezare,* Nebuzaradane mookameli oa balebeli a hapa Bajuda ba 745.+

      Batho bohle ba neng ba hapuoe ba ne ba le 4 600.

  • Ezekiele 5:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 U chese karolo e ’ngoe ea oona ka har’a motse ka mor’a hore matsatsi a ho thibelloa a fele.+ Ka mor’a moo, u nke karolo e ’ngoe ea oona ’me u o hlathe ka sabole ho potoloha motse oohle.+ Karolo ea ho qetela u e lahlele moeeng ’me ke tla ntša sabole ke lelekise ba phonyohileng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela