8 Ka letsatsi la bosupa khoeling ea bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona a e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli ebile e le mohlanka oa morena oa Babilona, a ea Jerusalema.+
9 Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng, ba balehetseng ka lehlakoreng la hae le batho ba bang kaofela ba setseng, a ba isa Babilona.
40Jehova o ile a bua le Jeremia ka mor’a hore Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a mo lokolle Rama.+ Nebuzaradane o ne a ile a mo isa moo a tlamiloe ka liketane ’me Jeremia o ne a le har’a batho ba Jerusalema le Juda ba hapuoeng, ba neng ba isoa Babilona.