5 Eaba Jehova o re ho Moshe: 6 “Atametsa ba leloko la Levi+ u ba emise ka pel’a moprista Arone ’me ba tla mo sebeletsa.+ 7 Ba phethe boikarabelo ba bona ho eena le ho sechaba sohle ka pel’a tente ea pokano ka hore ba etse tšebeletso ea bona e mabapi le tabernakele.