11 “Finease+ mora oa Eleazare mora oa moprista Arone o entse hore ke se ke ka hlola ke halefela Baiseraele hobane ho hang ha aa ka a ba tlohela ha ba ne ba sa ntšepahalle.+ Ke ka lebaka leo ke sa felisang Baiseraele le hoja ke batla hore batho ba inehele ho ’na feela.+
13 Ka lebaka la selekane seo, eena le litloholo tsa hae e tla lula e le baprista+ hobane ha aa ka a lumella hore molimo e mong a nkele Molimo oa hae sebaka+ ’me o ile a etsa hore sechaba sa Iseraele se tšoareloe libe.”
30 Ha moprista Finease, likhosana tsa sechaba le lihlooho tsa likete* tsa Iseraele tse neng li e-na le eena ba utloa mantsoe a builoeng ke litloholo tsa Rubene, tsa Gade le tsa Manase, ba khotsofala.+
28 Joale Finease+ mora oa Eleazare, eo ntate oa hae e leng Arone, o ne a sebeletsa* ka pel’a areka mehleng eo. A botsa a re: “Na re lokela ho ea loantša bana ba bo rona ba Babenjamine hape kapa re tlohele?”+ Jehova a re: “Tsamaeang hobane hosane ke tla le thusa hore le ba hlole.”