-
1 Samuele 31:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tla ba tl’o nkela batho ba bolailoeng lintho tsa bona, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba shoele Thabeng ea Gilboa.+ 9 Kahoo, ba mo khaola hlooho ’me ba nka lihlomo tsa hae eaba ba romela batho naheng eohle ea Bafilista hore ba ise molaetsa+ ka litempeleng tsa litšoantšo tsa bona+ le ho batho bohle. 10 Eaba ba beha seaparo sa hae sa tšireletso ka tempeleng ea litšoantšo tsa Ashtorethe ’me ba tlamella setopo sa hae lerakong la Bethe-shane.+
-