Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 15:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Moeli o ne o nyolohela Khohlong ea Mora oa Hinome+ ho ea moepeng oa Bajebuse+ ka boroa e leng Jerusalema.+ O nyolohela ka holim’a thaba e shebileng Khohlo ea Hinome ho ea ka bophirimela e leng qetellong ea Khohlo* ea Barefaime ho ea ka leboea.

  • Joshua 15:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Moeli o ka bophirimela o ne o le Leoatleng le Leholo*+ hammoho le lebopong la lona. Ona e ne e le moeli oa litloholo tsa Juda ho ea ka malapa a tsona ka mahlakoreng ’ohle.

  • 2 Samuele 23:13-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Banna ba bararo ho ba 30 ba ka sehloohong ba ea ho Davida lehaheng la Adulame+ nakong ea kotulo, sehlopha sa Bafilista se ne se hlomme litente Khohlong* ea Barefaime.+ 14 Ka nako eo, Davida o ne a le sebakeng se sireletsehileng+ ’me Bafilista ba ne ba hlomme litente tsa bona Bethlehema. 15 Davida a bua hore na o lakatsa eng, a re: “Ke lakatsa ho noa metsi a tsoang selibeng se keiting ea Bethlehema.” 16 Eaba banna bao ba bararo ba matla ba kena ka nkane litenteng tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng se keiting ea Bethlehema ’me ba a tlisa ho Davida. Empa a hana ho a noa, a a qhalla fatše ka pel’a Jehova.+ 17 Davida a re: “Jehova, le ka mohla nke ke ka etsa ntho ena. Na nka noa mali+ a banna baa ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing?” Kahoo, a hana ho a noa. Tsena ke lintho tseo banna ba hae ba bararo ba matla ba li entseng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela