-
Baahloli 14:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Eaba Samsone o ea Timna le batsoali ba hae. Ha a fihla lirapeng tsa morara tsa Timna, tau* ea tla e puruma ho eena. 6 Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ A e arola likoto tse peli feela joalokaha motho a ka arola potsanyane likoto tse peli ka matsoho a hae. Empa ha aa ka a bolella batsoali ba hae seo a se entseng.
-
-
1 Samuele 17:36, 37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
36 Mohlanka oa hao o ile a bolaea tau le bere ’me Mofilista eo ea sa bollang o tla shoa joaloka e ’ngoe ea tsona hobane o rohakile* mabotho a sesole a Molimo ea phelang.”+ 37 Davida a boela a re: “Jehova ea mpholositseng ho tau le ho bere,* ke eena ea tla mpholosa ho Mofilista eo.”+ Eaba Saule o re ho Davida: “Tsamaea ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.”
-
-
2 Samuele 23:20-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Benaia+ mora oa Jehojada e ne e le monna ea sebete,* ea ileng a etsa liketso tse ngata Kabziele.+ O ile a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe hape a theohela ka sekoting sa metsi letsatsing leo lehloa le neng le khethehile ka lona eaba o bolaea tau.+ 21 A boela a bolaea monna oa Moegepeta ea boholo bo sa tloaelehang. Le hoja Moegepeta eo a ne a tšoere lerumo, o ile a ea ho eena a tšoere molamu, a nka lerumo letsohong la Moegepeta eo eaba o mo bolaea ka lona. 22 Tsena ke lintho tseo Benaia mora oa Jehojada a li entseng. Botumo ba hae bo ne bo tšoana le ba banna ba bararo ba matla. 23 Le hoja a ne a hlaheletse ho feta banna bane ba 30, o ne a sa fihle boemong ba banna ba bararo ba matla. Leha ho le joalo, Davida o ile a mo khetha hore e be e mong oa balebeli ba hae.
-