105 Lebohang Jehova,+ bitsang lebitso la hae,
Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng.+
2 Mo bineleng, mo bineleng lithoriso,
Le nahanisise ka liketso tsohle tsa hae tse hlollang.+
3 Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang.+
Lipelo tsa ba batlang Jehova li ke li thabe.+
4 Batlang Jehova+ le mo kope hore a le fe matla a hae.
Le mo kope kamehla hore a le thuse.
5 Hopolang lintho tse hlollang tseo a li entseng,
Mehlolo ea hae le likahlolo tseo a faneng ka tsona,+
6 Lona bana ba Abrahama mohlanka oa hae,+
Lona bara ba Jakobo bao a ba khethileng.+