-
2 Samuele 7:21-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ka lebaka la lentsoe la hao le ka hobane u ne u batla,* u entse lintho tsena tsohle tse kholo ’me oa etsa hore ’na mohlanka oa hao ke li tsebe.+ 22 Ke ka lebaka leo u leng moholo+ Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Ha ho na ea tšoanang le uena+ ’me ha ho Molimo ntle ho uena.+ Lintho tsohle tseo re li utloileng ka litsebe tsa rona li paka sena. 23 Ke sechaba sefe lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele?+ Molimo o ile a se lopolla hore e be sechaba sa hae,+ a iketsetsa lebitso+ ka ho se etsetsa lintho tse kholo le tse makatsang.+ U ile oa leleka lichaba tse ling le melimo ea tsona bakeng sa sechaba sa hao, seo u ileng oa itopollela sona Egepeta. 24 U entse hore sechaba sa Iseraele e be sechaba sa hao ka ho sa feleng+ ’me uena Jehova u bile Molimo oa sona.+
-