7 Ke tla tšepahalla selekane seo ke se entseng le uena,+ bana* ba hao le meloko eohle ea bona. E tla ba selekane sa ka ho sa feleng sa hore ke tla ba Molimo oa hao le oa bana* ba hao.
6 Le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lona ’me Jehova Molimo oa lona o khethile lona hore le be sechaba sa hae, thepa ea hae e khethehileng* har’a lichaba tsohle tse holim’a lefatše.+
9 Le tseba hantle hore Jehova Molimo oa lona ke Molimo oa ’nete, Molimo ea tšepahalang, ea phethang selekane sa hae le ea bontšang lerato* melokong e sekete ea ba mo ratang le ba mamelang litaelo tsa hae.+