4 A mo fa Bilha mosebeletsi oa hae hore e be mosali oa hae ’me Jakobo a robala le eena.+5 Bilha a ima ’me ha nako e fihla a tsoalla Jakobo mora. 6 Ragele a re: “Molimo e bile moahloli oa ka hape o mametse lentsoe la ka eaba o mpha mora.” Ke ka lebaka leo Ragele a ileng a mo reha Dane.*+
16 Dane+ e leng le leng la maloko a Iseraele, o tla ahlola batho bohle.+17 Dane e ke e be noha e linaka e ka thoko ho tsela, e lomang lirethe tsa pere hoo mopalami oa eona a oelang.+18 Jehova, ke tla letela poloko e tsoang ho uena.