8 Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka matla ’ohle a bona ka pel’a Molimo oa ’nete ka lipina, ka liharepa, ka liletsa tse ling tse likhoele, ka meropa e menyenyane,+ ka lisimbala+ le ka literompeta.+
16 Davida a bolella balaoli ba Balevi hore ba khethe bana ba bo bona ba binang hore ba bine ba thabile ka liletsa tsa ’mino: Liletsa tse likhoele, liharepa+ le lisimbala.+
5 Asafe+ e ne e le hlooho ’me Zakaria e le oa bobeli ho eena. Jeiele, Shemiramothe, Jehiele, Matithia, Eliabe, Benaia, Obede-edomo le Jeiele+ ba ne ba bapala liletsa tse likhoele le liharepa+ ’me Asafe a letsa lisimbala.+