-
2 Marena 21:19-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Amone+ o ne a le lilemo li 22 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Meshulemethe morali oa Haruze ea tsoang Jotba. 20 O ile a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka ntate oa hae Manase.+ 21 A ’na a etsa lintho tsohle tseo ntate oa hae a neng a li etsa, a sebeletsa le ho khumamela litšoantšo tse rapeloang joalokaha ntate oa hae a ne a etsa.+ 22 O ile a tlohela Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae ’me ha aa ka a mamela Jehova.+ 23 Bahlanka ba morena Amone ba mo rerela bolotsana ’me ba mo bolaela ka tlung ea hae. 24 Empa baahi ba naha ba bolaea batho bohle ba ileng ba rerela Morena Amone bolotsana. Ba etsa mora oa hae Josiase morena.+
-