Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 6:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Kamore e ka hare-hare e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang robong,* bophara ba limithara tse ka bang robong* le bophahamo ba limithara tse ka bang robong,*+ a e koahela ka khauta e hloekileng ’me aletare+ a e koahela ka mapolanka a kedare.

  • 1 Marena 6:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Kamoreng e ka hare-hare a etsa likerubime+ tse peli ka sefate sa phaena,* kerubime e ’ngoe le e ’ngoe e le bophahamo ba limithara tse ka bang ’nè.*+

  • 1 Marena 8:6-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Baprista ba beha areka ea selekane sa Jehova kamoreng e ka hare-hare ea ntlo+ e leng ka Sehalalelisisong. E ne e lula moo tlas’a mapheo a likerubime.+

      7 Likerubime li ne li otlolletse mapheo a tsona holim’a moo Areka e lulang teng ebile li koahetse Areka le lipalo tsa eona.+ 8 Lipalo+ li ne li le telele hoo li neng li bonahala ha u le ka Sehalalelong e leng ka pel’a kamore e ka hare-hare empa li ne li sa bonahale ha u le ka ntle. Li ntse li le teng le kajeno. 9 Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa+ a mabeli ao Moshe a neng a a behile+ ha a le Horebe. E ne e le ha Jehova a etsa selekane+ le sechaba sa Iseraele ha se tsoa naheng ea Egepeta.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela