Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 4:8-10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ka mor’a moo, a tlose mafura ’ohle a poho ea nyehelo ea sebe, mafura a koahelang mala, mafura a potolohileng mala, 9 liphio tse peli le mafura a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 10 A tlose lintho tsena joalokaha ho etsoa ka poho ea sehlabelo se kopanetsoeng.+ Moprista a etse hore li kubelle aletareng ea nyehelo ea secheso.

  • 1 Marena 8:64-66
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 64 Letsatsing leo morena o ile a halaletsa karolo e bohareng ea lebala le ka pel’a ntlo ea Jehova. Ke hona moo a neng a tla etsetsa mahlabelo a secheso, nyehelo ea lijo* le likarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsoeng hobane aletare ea koporo+ e ka pel’a tempele ea Jehova e ne e le nyenyane haholo hoo e neng e sa khone ho lekana mahlabelo a secheso, linyehelo tsa lijo le likarolo tse mafura+ tsa mahlabelo a kopanetsoeng. 65 Solomone a etsa mokete+ le Baiseraele bohle ba neng ba bokane ba tsoa Lebo-hamathe* ho ea fihla Khohlong* ea Egepeta.+ Ba etsetsa Jehova Molimo mokete ka matsatsi a supileng le matsatsi a mang a supileng. Kaofela e ne e le matsatsi a 14. 66 Letsatsing le latelang* a re sechaba se tsamaee ’me sechaba sa kopa Molimo hore a hlohonolofatse morena eaba se khutlela malapeng a sona se thabile ka lebaka la lintho tse ntle+ tseo Jehova a neng a li etselitse mohlanka oa hae Davida le sechaba sa hae sa Iseraele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela