-
1 Marena 9:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Hang ha Solomone a qetile ho haha ntlo ea Jehova, ntlo ea morena*+ le lintho tsohle tseo a neng a batla ho li haha,+ 2 Jehova a hlaha ho Solomone ka lekhetlo la bobeli feela joalokaha a ile a hlaha ho eena Gibeone.+ 3 Jehova a re ho eena: “Ke utloile thapelo ea hao le kopo eo u e entseng ho ’na. Ke halalelitse ntlo ena eo u e hahileng ka hore ke behe lebitso la ka moo ka ho sa feleng+ ’me mahlo a ka le pelo ea ka li tla lula li le moo.+
-