-
1 Marena 10:4-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Ha mofumahali oa Sheba a bona kamoo Solomone a leng bohlale kateng,+ a bona ntlo eo a e hahileng,+ 5 lijo tse tafoleng ea hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba lutseng ka eona, basebeletsi ba hae ba fanang ka lijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka eona, baqhatsetsi ba hae le mahlabelo a hae a secheso ao a neng a a etsa kamehla ntlong ea Jehova, a sala a maketse. 6 A re ho morena: “Bohlale ba hao le lintho tseo u li entseng tseo ke li utloileng naheng ea heso ke ’nete. 7 Ke ne ke sa kholoe ho fihlela ke tla ’me ke li bona ka mahlo a ka. Ke ne ke sa bolelloa lintlha kaofela. Empa bohlale le tsela eo u atlehileng ka eona li feta hole lintho tseo ke li utloetseng. 8 Ho thaba batho ba hao le bahlanka bana ba hao ba lulang ba e-na le uena kamehla ’me ba utloa bohlale ba hao.+ 9 Ho rorisoe Jehova Molimo oa hao+ ea u bontšitseng hore oa u rata ka ho u beha teroneng ea Iseraele. Jehova o u khethile hore u be morena e le hore u ahlole ka toka le ka ho loka hobane a rata sechaba sa hae sa Iseraele.”
-