-
1 Marena 12:8-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Roboame a se ke a mamela keletso eo banna ba baholo ba ileng ba mo fa eona empa o ile a buisana le bahlankana bao a hotseng le bona bao e neng e se e le basebeletsi ba hae.+ 9 A re ho bona: “Ke re’ng ho batho baa ba itseng ke fokotse mosebetsi o boima oo ntate oa ka a ba fileng oona?” 10 Bahlankana bao a hotseng le bona ba re ho eena: “Bolella batho ba itseng ntate oa hao o ne a ba imelitse hore u tla ba imetsa ho feta ntate oa hao.* 11 E-re ho bona: ‘Ntate oa ka o ne a le imelitse empa ’na ke tla le imetsa le ho feta. Ntate oa ka o le shapile ka liphali empa ’na ke tla le shapa ka liphali tse nang le metsu.’”
-