Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 14:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Bajuda ba ne ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova+ ’me libe tseo ba ileng ba li etsa li ile tsa mo halefisa ho feta kamoo baholo-holo ba bona ba ileng ba mo halefisa kateng.+ 23 Le bona ba ile ba ikahela libaka tse phahameng, lipilara tse halalelang le lipalo tse halalelang*+ holim’a maralla ’ohle a phahameng+ le tlas’a lifate tsohle tse ntle tse tala.+

  • 2 Marena 18:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha Hoshea mora oa Ela morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse tharo a busa,+ Ezekiase+ mora oa Morena Akaze+ oa Juda ea e-ba morena.

  • 2 Marena 18:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke eena ea ileng a tlosa libaka tse phahameng,+ a pshatla lipilara tse halalelang a ba a khaola palo e halalelang.*+ A boela a pshatla noha ea koporo* eo Moshe a neng a e entse+ hobane ho fihlela ka nako eo, Baiseraele ba ne ba e etsetsa sehlabelo se kubellang mosi ebile ba e bitsa setšoantšo se rapeloang sa noha ea koporo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela