-
2 Marena 23:3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Morena a ema pel’a pilara ’me a etsa selekane* ka pel’a Jehova+ sa hore o tla mamela Jehova, litaelo tsa hae, melao ea hae le likhopotso tsa hae ka pelo eohle le moea oohle oa hae ka hore a phethe mantsoe a ngotsoeng bukeng ea selekane. Batho bohle ba ile ba lumela hore ba tla latela selekane seo.+
-
-
Nehemia 10:28, 29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Batho ba bang kaofela e leng baprista, Balevi, balebeli ba likeiti, libini, basebeletsi ba tempeleng,* le e mong le e mong ea ileng a ikarola ho batho ba linaha tse ling hore a latele Molao oa Molimo oa ’nete+ hammoho le basali ba bona, bara le barali ba bona le bohle ba nang le tsebo le kutloisiso,* 29 ba ile ba tšehetsa bana ba bo bona le banna ba hlomphehang ’me ba itlama hore ba oeloe ke bomalimabe haeba ba sa tsamaee Molaong oa Molimo oa ’nete, oo Molimo oa ’nete a neng a fane ka oona a sebelisa mohlanka oa hae Moshe le ho boloka ka hloko litaelo tsohle tsa Jehova Morena oa rona, likahlolo tsa hae le melaoana ea hae.
-