-
2 Marena 10:10-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Tsebang hore ha ho na lentsoe le le leng leo Jehova a le buileng ka lelapa la Akabe leo Jehova a ke keng a le phetha*+ ebile Jehova o phethahalitse mantsoe ao a ileng a a bua a sebelisa mohlanka oa hae Elia.”+ 11 Jehu a boela a bolaea bohle ba neng ba setse ba lelapa la Akabe ba Jezriele, banna bohle ba neng ba mo sebeletsa, metsoalle ea hae le baprista+ ho fihlela ho se na motho ea setseng.+
12 A tsamaea a ea Samaria. Ntlo eo balisa ba kutelang* linku ho eona e ne e le ka thoko ho tsela. 13 Ke hona moo Jehu a ileng a kopana le bana ba bo Morena Akazia+ oa Juda. A re ho bona, “Le bo-mang?” Ba re ho eena: “Re bana ba bo Akazia ’me re e’o sheba hore na bara ba morena le bara ba mofumahali ba ntse ba e-ea joang.” 14 Hang-hang Jehu a re: “Ba tšoareng!” Ba tšoara banna bao ba 42 ’me ba ba bolaela selibeng sa ntlo eo ho kuteloang linku ho eona. Ha ho le ea mong ea ileng a phonyoha.+
-