Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 11:5-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 A re ho bona: “Sehlopha se le seng ho tse tharo tsa lona se tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha ’me se etse bonnete ba hore se lebela ntlo ea morena.*+ 6 Sehlopha se seng se tla lebela keiti e bitsoang Keiti ea Motheo ’me se seng se lebele keiti e ka mor’a phaleisi ea balebeli. Le chenchane ka ho lebela ntlo ea morena. 7 Lihlopha tse peli tse sa sebetseng ka letsatsi la Sabatha, li etse bonnete ba hore li lebela ntlo ea Jehova e le hore li sireletse morena. 8 Le sireletse morena ka mahlakoreng ’ohle ’me kaofela le nke libetsa. Motho ea tla feta masole a lebetseng a bolaoe. Le tsamaee le morena hohle moo a eang teng.”*

  • 1 Likronike 9:22-25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Bohle ba neng ba khethiloe hore e be balebeli ba likeiti ba ne ba le 212. Ba ne ba le metsaneng ea bona ho ea kamoo ba neng ba ngolisitsoe kateng ka maloko a bona.+ Davida le Samuele e leng seboni,+ ba ile ba beha banna bana boemong boo hobane ba ne ba tšepahala. 23 Bona le bara ba bona ba ne ba okametse mosebetsi oa ho lebela likeiti tsa ntlo ea Jehova+ e leng ntlo ea tente. 24 Balebeli ba likeiti ba ne ba le ka mahlakoreng a mane, ka bochabela, ka bophirimela, ka leboea le ka boroa.+ 25 Nako le nako bana ba bo bona ba ne ba tla ka matsatsi a supileng ba tsoa metsaneng ea bona hore ba tl’o sebetsa hammoho le bona.

  • 1 Likronike 26:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Lihlopha tsa balebeli ba likeiti+ li ne li le ka tsela ena: Ho Bakora, e le Meshelemia+ mora oa Kore oa bara ba Asafe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela