-
Exoda 30:12-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 “Neng kapa neng ha u bala bara ba Iseraele,+ batho bohle ba fane ka chelete ea topollo ho Jehova bakeng sa bophelo ba bona nakong eo ba baloang ka eona. Ba etse sena e le hore ba se ke ba fuoa kotlo ha ba ngolisoa. 13 Batho bohle ba ngolisitsoeng ba fane ka lintho tse latelang: Silevera ea boima ba likramo tse tšeletseng.* Le lekanye boima ba silevera eo ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang.*+ Tekanyo e sebelisoang ke likramo tse ka bang 11.* Silevera ea boima ba likramo tse tšeletseng ke monehelo o isoang ho Jehova.+ 14 Batho bohle ba ngolisitsoeng ba lilemo li 20 ho ea holimo ba fane ka monehelo oa Jehova.+ 15 Ea ruileng a se ke a ntša ho fetang silevera ea boima ba likramo tse tšeletseng* le ea futsanehileng a se ke a fana ka ho ka tlase ho moo e le monehelo o isoang ho Jehova oa ho etsa mahlabelo a tšoarelo ea libe bakeng sa bophelo ba lona. 16 U nke chelete ea silevera ho Baiseraele ea ho etsa mahlabelo a tšoarelo ea libe ’me u fane ka eona bakeng sa tšebeletso ea tabernakele.* Chelete ena e tla ba sehopotso ka pel’a Jehova ho Baiseraele ’me ho etsoe mahlabelo a tšoarelo ea libe ka eona bakeng sa bophelo ba lona.”
-