Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 14:1-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ha Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse peli a busa, Amazia mora oa Morena Joase oa Juda ea e-ba morena. 2 O ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 29. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Jehoadine ea tsoang Jerusalema.+ 3 Amazia o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova empa eseng joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ O ile a etsa lintho tsohle joaloka ntate oa hae Joase.+ 4 Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ 5 Ha ’muso oa hae o se o le matla, a hlasela bahlanka ba hae ba ileng ba bolaea ntate oa hae eo e neng e le morena.+ 6 Empa ha aa ka a bolaea bara ba bahlanka bao ho latela taelo ea Jehova e ngotsoeng bukeng ea Molao oa Moshe e reng: “Bo-ntate ba se ke ba bolaoa ka lebaka la bara ba bona le bara ba se ke ba bolaoa ka lebaka la bo-ntate ba bona. Empa e mong le e mong a bolaoe ka lebaka la sebe sa hae.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela