Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 24:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Moea oa Molimo oa tla ho Zakaria mora oa moprista Jehojada+ eaba o ema holimo ka pel’a sechaba ’me a re ho sona: “Molimo oa ’nete o re, ‘Ke hobane’ng ha le sa mamele litaelo tsa Jehova? Le ke ke la atleha. Kaha le tlohetse Jehova le eena o tla le tlohela.’”+

  • Pesaleme 115:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Batho ba li etsang ba tla tšoana le tsona+

      Le bohle ba li tšepang ba tla tšoana le tsona.+

  • Jeremia 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Jehova o re:

      “Bo-ntate ba lona ba fumane ke le molato oa eng+

      Ha e le moo ba tsamaetse hole le ’na hakaale?

      Ba rapetse litšoantšo tse se nang thuso+ eaba le bona ba fetoha ntho e se nang thuso.+

  • Jeremia 10:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Litšoantšo tse joalo li tšoana le setšosa se tšimong ea likomkomere, ha li tsebe ho bua.+

      Li hloka ho kakasoa hobane ha li tsebe ho tsamaea.+

      Le se ke la li tšaba hobane li ke ke tsa baka kotsi

      Kapa tsa etsa letho le molemo.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela