Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 11:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha Roboame a fihla Jerusalema, a bokella banna ba leloko la Juda le la Benjamine+ e leng masole a koetlisitsoeng a 180 000 hore a loantše Baiseraele e le hore a khutlisetse borena ho eena.+

  • 2 Likronike 13:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Abija a ea ntoeng le masole a matla a koetlisitsoeng+ a 400 000. Jeroboame a itokisetsa ho ea mo loantša ka banna ba matla ba koetlisitsoeng ba 800 000.

  • 2 Likronike 14:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Asa o ne a e-na le masole a 300 000 a tsoang Juda, a tšoarang lithebe tse kholo le marumo. Ba tsoang lelokong la Benjamine e ne e le banna ba matla ba 280 000 ba neng ba tšoara lithebe tse nyenyane le liqha.+

  • 2 Likronike 17:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 A ne a hlophisitsoe ho ea ka malapa a bo-ntate ba bona: Ho Juda ho ne ho e-na le balaoli ba ba likete, Adna e ne e le molaoli ’me a e-na le banna ba matla ba 300 000.+

  • 2 Likronike 25:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Amazia a bokella Bajuda ’me a ba emisa ho ea ka malapa a bo-ntate ba bona, ho ea ka balaoli ba ba likete le ba ba makholo bakeng sa Juda eohle le Benjamine.+ A ngolisa ba lilemo li 20 ho ea holimo+ ’me kaofela ha bona e ne e le banna ba matla ba 300 000 ba koetliselitsoeng ho ea ntoeng. Ba ne ba tseba ho sebelisa lerumo le thebe e kholo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela