-
Numere 15:22-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Joale haeba le etsa phoso ’me le sa phethe litaelo tsena tsohle tseo Jehova a li boleletseng Moshe, 23 e leng lintho tsohle tseo Jehova a le laetseng tsona ka Moshe ho tloha letsatsing leo ka lona Jehova a laetseng meloko ea lona ho ea pele, 24 haeba phoso e entsoe ’me sechaba se sa tsebe ka eona, sechaba sohle se fane ka pohoana e le ’ngoe e le nyehelo ea secheso bakeng sa monko o monate* ho Jehova. Pohoana eo e tlisoe hammoho le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno ho ea ka mokhoa o tloaelehileng+ le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe.+
-