14 Balevi ba tlohela libaka tsa bona le maruo a bona+ ’me ba tla Juda le Jerusalema hobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba lelekile hore ba se ke ba sebeletsa e le baprista ba Jehova.+
16 Batho ba tsoang malokong ’ohle a Iseraele ba neng ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova Molimo oa Iseraele ka lipelo tsohle, ba ba latela ho ea Jerusalema ho ea etsetsa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona mahlabelo.+