Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 7:40-46
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 40 Hirame+ a boela a etsa libeisine, likharafu+ le lijana.+

      A qeta mosebetsi oohle oo a neng a o etsetsa Morena Solomone bakeng sa ntlo ea Jehova:+ 41 Lipilara tse peli+ le lihlooho tse bopehileng joaloka sejana tse neng li le holim’a lipilara tseo, lisefe tse peli+ ho koahela lihlooho tseo, 42 likharenate tse 400+ bakeng sa lisefe tse peli, mela e ’meli ea likharenate bakeng sa sefe ka ’ngoe ho koahela lihlooho tseo tse peli, 43 literoli tse leshome+ le libeisine tse leshome+ tse holim’a literoli, 44 Tanka*+ le lipoho tse 12 tse tlas’a eona, 45 linkho, likharafu, lijana le lisebelisoa tsohle tseo Hirame a li etselitseng Morena Solomone ka koporo e bentšitsoeng bakeng sa ntlo ea Jehova. 46 Morena a li etsetsa letsopeng seterekeng sa Jordane, pakeng tsa Sukothe le Zarthane.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela