9 Empa le se ke la fetohela Jehova ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo+ hobane re tla ba hlola habonolo.* Ha ba sa na letho le ba sirelelitseng ’me Jehova o na le rona.+ Le se ke la ba tšaba.”
20Haeba le e’o loantša lira tsa lona ’me le bona lipere tsa tsona, masole le likariki tsa tsona tsa ntoa li le ngata ho feta tsa lona, le se ke la li tšaba hobane Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta o na le lona.+
42 Joshua a hlola marena ana ’ohle ’me a hapa naha ea ’ona kaofela ka nako e le ’ngoe hobane ke Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a loanela Baiseraele.+