33 Na ho na le sechaba seo molimo oa sona a kileng a se pholosa ho morena oa Asiria? 34 E kae melimo ea Hamathe+ le Arpade? E kae melimo ea Sefarvaime,+ Hena le Iva? Na e ile ea pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+
17 Jehova, ke ’nete hore marena a Asiria a felisitse lichaba le linaha tsa tsona.+18 A ile a chesa melimo ea tsona hobane e ne e le melimo e iketselitsoeng,+ e entsoeng ka patsi le lejoe. Ke kahoo a ileng a khona ho e felisa.